Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:1 - BIBELE

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a bua le Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:1
12 Referencias Cruzadas  

Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.


Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


“Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha;


“Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista.


O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.


Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.


“O tla atametsa Arone le bara ba hae haufi le monyako wa Tente ya Morena, ebe o ba hlatswa ka metsi.


Tsena, Morena o ne a di laele Moshe ha a le thabeng ya Sinai, mohla a neng a laela bana ba Iseraele ho tlisetsa Morena dinyehelo tsa bona, ha ba le lehwatateng la Sinai.


“Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang.


Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos