Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:9 - BIBELE

9 Nyehelo ya dijo, e phehilweng ka onto, le eohle e hadikilweng ka pane, kapa ka rosetere, e tla ba ya moprista ya etseditseng motho nyehelo ka yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:9
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.


Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona.


Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena.


Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.’ ”


Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana.’ ”


Letlalo la phoofolo eo moprista a etsetsang motho sehlabelo sa setjheso ka yona, e tla ba la moprista eo.


“Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae?


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos