Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:13 - BIBELE

13 “ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:13
17 Referencias Cruzadas  

Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona.


Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


Ka lona letsatsi leo, kgosana e tla nka pohwana, e iketsetse nyehelo e tlosang sebe, e be e etsetse le setjhaba sohle sa naha.


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Phuthehong ya bana ba Iseraele a nke dipodi tse pedi tsa nyehelo e tlosang sebe, le pheleu e le nngwe ya nyehelo ya setjheso.


O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba.’ ”


“Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.


Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng.


“ ‘Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;


Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos