Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:34 - BIBELE

34 “ ‘Jwale naha e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, ha lona le le naheng ya dira tsa lona. Jwale naha e tla phomola, e thabele phomolo ya yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ke moo naha e tla thabela Disabatha tsa yona ka tshiu tsohle tsa tshenyeho ya yona, ha le sa ntse le qhalane lefatsheng la dira tsa lona; ke moo naha e tla lala, e thabele Disabatha tsa yona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:34
7 Referencias Cruzadas  

“Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.


E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.


Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.


Ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, naha e tla phomola, e fumane phomolo eo e neng e e hloka ha le ne le ahile ho yona.


Ba tla furalla naha, mme e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ha e ntse e se na baahi. Ba tla dumela ho otlelwa makgopo a bona, hobane ba ile ba furalla ditaelo tsa ka, mme ba hloya melao ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos