Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:9 - BIBELE

9 Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:9
17 Referencias Cruzadas  

Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang.


Hara bana ba Iseraele ho ne ho ena le monna ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele, ntatae e le Moegepeta. Monna enwa a ya ho bana ba Iseraele diahelong tsa bona. Yaba o lwana le monna eo e leng Moiseraele wa sebele.


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.


Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.


“Laela Arone le bara ba hae, o re: ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe.


Jwale o kgobokanye phutheho yohle monyakong wa Tente ya Morena.”


Moshe a re ho Arone le ho bara ba hae: “Phehelang nama ena monyakong wa Tente ya Morena, mme le e jele moo, le bohobe bo ka serotong sa dinyehelo tsa kgalaletso, jwalokaha Morena a laetse, a re: ‘Arone le bara ba hae ba tla di ja.’


“Empa lona le ntlontlolla ka ho bua ka tafole ya Morena, le re: ‘E silafetse!’ Le ka dijo tsa yona le re: ‘Di a nyediseha!’


kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?


kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?”


kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme a nka bohobe bo halalelang, a bo ja, a fa le bao a neng a ena le bona, e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?”


Yaba moprista o fa Davida bohobe bo halalelang, hobane bo jewang bo ne bo le siyo, haese feela bohobe bo halalelang, bo neng bo tswa tloswa kapele ho Morena, ho bewa bo botjha ha boo bo tloswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos