Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:2 - BIBELE

2 “Laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole ya mohlwaare e hlwekileng, ya ho bonesa, hore lebone le tle le nne le tuke kamehla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Laela bana ba Iseraele, hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya mohlwaare, hore dilampi di nne di tshelwe kamehla.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:2
27 Referencias Cruzadas  

Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.


Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka.


Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso.


le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.


A bea sedulwana sa lebone ka Tenteng ya Morena malebana le tafole, ka lehlakoreng le ba borwa la Leaho.


Taelo ke lona lebone, thuto ke lona lesedi, kgalemo ke bona bophelo,


Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Ka tsatsi le leng le le leng, ho tloha ka phirimana ho fihlela hoseng, Arone o tla le kgantsha ka Tenteng ya Morena, kapele ho Morena, ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona.


setjhaba se neng se dutse lefifing se bone lesedi le leholo, mme ba neng ba dutse lefatsheng la lefu le lefifing ba tjhabetswe ke lesedi.”


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


ho bonesetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, le ho re tsamaisa tseleng ya kgotso.”


“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.


Bophelo bo ne bo le ka ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho;


Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.


Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.


Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos