Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:4 - BIBELE

4 “ ‘Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:4
18 Referencias Cruzadas  

“ ‘Haeba e nngwe ya diphoofolo tseo le jang nama ya tsona e itjhwella feela, mang kapa mang ya amang sefifi sa yona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.


Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena.


Phofo ya nyehelo e setseng ke ya Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, ya Morena.


Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,


A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang.


Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


“Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.


Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos