Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:2 - BIBELE

2 “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlomphe dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nkgethelang tsona, esere ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:2
16 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.


o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena.


Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.


Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.


Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka.


“ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ”


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


“ ‘Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena.


Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.


Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Le se ke la silafatsa lebitso la ka le halalelang; ke halaletswe hara bana ba Iseraele. Ke nna Morena ya le halaletsang,


Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”


“Matsibolo wohle a matona, a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku, o tla a kgethela Morena Modimo wa hao. O se ke wa sebedisa matsibolo a mohlape wa hao wa dikgomo. O se ke wa kuta matsibolo a mohlape wa hao wa dinku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos