Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:16 - BIBELE

16 ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:16
15 Referencias Cruzadas  

Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka.


Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


Le boloke melao ya ka, mme le e phethe. Ke nna Morena ya le halaletsang.


A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.’ ”


Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.’ ”


O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.


Morena a bua ho Moshe, a re:


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato.


Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.


Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”


Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos