Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 20:3 - BIBELE

3 Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 20:3
16 Referencias Cruzadas  

Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


“ ‘Ha e le lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Motho ka mong a ye, a sebeletse modingwana wa hae wa bohata! Empa hamorao le tla nkgopola; ha le sa tla hlola le silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dimpho tsa lona le ka medingwana ya lona ya bohata.


“Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.


“ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ”


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


“ ‘Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena.


Haeba setjhaba sa naha eo se lala ketso ya monna eo ka mmele, ya ho nea Moloke bana ba hae, se sa mmolaye,


Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.


Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.


Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, le ditsebe tsa hae di mamela thapelo tsa bona; sefahleho sa hae se sosobane se sosobanetse ba etsang bobe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos