Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:13 - BIBELE

13 Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:13
8 Referencias Cruzadas  

Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle?


Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa.


Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.


O tla nyehela ka tsona kapele ho Morena, baprista ba di fafatse ka letswai, ba di hlabe e le nyehelo ya setjheso ho Morena.


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


“Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos