Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 18:9 - BIBELE

9 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:9
6 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora hao, kapa tsa moradi wa moradi wa hao, hobane hoo ho tla o tlontlolla.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.


“ ‘Ho rohakehe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa le moradi wa ntatae, kapa le moradi wa mmae!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos