Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana.
Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
“ ‘Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.