“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.
Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.