Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 12:2 - BIBELE

2 “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 12:2
14 Referencias Cruzadas  

Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”


Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.


Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo!


“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?


Motho a ka lokafatswa jwang mahlong a Modimo? Ya tswetsweng ke mosadi a ka hlweka jwang?


hobane ke tseba melato ya ka, ke hopola sebe sa ka kamehla.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.


“ ‘Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.


“ ‘Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato.


Ha ho fetile matsatsi a tlhwekiso ya bona ho ya ka Molao wa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa pela Morena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos