Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:16 - BIBELE

16 Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:16
12 Referencias Cruzadas  

Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.


Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.


Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.


Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.”


Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.


Ho bana ba Iseraele o re: ‘Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.


Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos