Levitike 1:9 - BIBELE9 Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova. Ver Capítulo |
Jwale Solomone a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose, tsa ho hlatswetsa. A bea tse hlano ka lehlakoreng le letona, tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi. Ka ho tsona ho ne ho hlatswetswa dintho tse sebediswang ha ho etswa nyehelo ya setjheso. Tanka yona e ne e sebediswa ke baprista ha ba itlhatswa.
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.