Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 1:11 - BIBELE

11 A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:11
12 Referencias Cruzadas  

Moshe a nka madi, a a tshela mafiswaneng, a kgamathisa, mme ka karolo ya madi e setseng a foka hodima aletare.


A bea tafole ka Tenteng ya Morena, ka lehlakoreng le ka leboya la Leaho, ka kwano ho lesira.


Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng.


Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao.


Konyana e tona o tla e hlabela Sehalalelong, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya tefelo ya sebe, le tsa nyehelo ya setjheso. Nyehelo ya tefelo ya sebe, jwaloka nyehelo e tlosang sebe, ke ya moprista, mme e halalela ka ho fetisisa.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya podi eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng.


“Ere ho Arone le bara ba hae: ‘Ona ke molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, ke hona moo le phoofolo ya nyehelo ya ho tshwarelwa sebe e tla hlabelwa teng, kapele ho Morena. Ena ke nyehelo e halalelang ka ho fetisisa.


Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, le phoofolo ya nyehelo ya tefelo ya melato e tla hlabelwa teng; madi a yona a tla fokwa aletareng ho e potoloha.


A e hlaba, mme ka madi a yona a foka aletare ho e potapota.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos