Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:20 - BIBELE

20 Ha banna ba Ai ba hetla morao, ba bona mosi o tswang motseng o foqohela hodimo. Ba tsherehana, ba sitwa ho balehela kae kapa kae. Batho ba neng ba balehela lehwatateng ba kgutla sekwele, ba boyana le baphaladisi ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:20
14 Referencias Cruzadas  

A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.


Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”


O kganya hakaakang, o tlotleha hakaakang, ha o kgutla dithabeng tsa tlholo!


E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona.


Bahlabani ba laletseng ba raoha kapele moo ba ipatileng teng, mme hanghang hoba Joshua a supe ka lerumo la hae ba matha, ba kena motseng, ba o hapa, ba potlakela ho o tjhesa ka mollo.


Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai.


“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.


Hape la re: “Haleluja! Mosi wa sona o foqoha kamehla le mehla.”


Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng,


Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo.


Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos