Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona.
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”
Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”
Ha dikgosi tsohle tse kamose wane ho Jorodane, le tse maralleng, le tse diphuleng, le tse lebopong lohle la Lewatle le Leholo, kapele ho Lebanone, e leng tsa Bahete, le tsa Baamore, le tsa Bakanana, le tsa Baperise, le tsa Bahife, le tsa Bajebuse, di utlwa ditaba tsena,
Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.
Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.