Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 5:1 - BIBELE

1 Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 5:1
32 Referencias Cruzadas  

Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.


Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”


Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.


le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana.


Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena.


Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana,


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.


E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”


Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Leha ho le jwalo, bana ba Manase ba ile ba sitwa ho leleka baahi ba metse eo, mme Bakanana le bona ba ikemisetsa ho dula naheng eo.


Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?”


“Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele.


Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.


Ka le hlahlamang, ha Nabale a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo phetela tsohle. Nabale a taboha letswalo, a ya le maidiidi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos