Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:1 - BIBELE

1 Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:1
15 Referencias Cruzadas  

Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.


Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale.


Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.”


Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome.


Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso.


Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Jwaloka dikgomo tse theohelang kahara kgohlo, Moya wa Modimo o ile wa ba phomotsa. Tjhaba sa hao o se tataisitse tjena, hore o iketsetse lebitso le tlotlehang.


A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: ‘Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane.’


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.


Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona.


Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.


Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos