Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.
Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”
Ka letsatsi la borobedi Solomone a qhala setjhaba; yaba setjhaba se hlohonolofatsa kgosi Solomone, se ikela malapeng a sona se thabile, dipelo di nyakaletse ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona,
Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,
Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.
Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.
Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona.