Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:15 - BIBELE

15 Yaba Rahaba o ba lepeletsa le fesetereng ka thapo, hobane ntlo ya hae e ne e ikgohlile ka lerako la motse, mme a phela kahara lerako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:15
6 Referencias Cruzadas  

empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.


empa ke ile ka ntshwa ka fesetere, ka theolwa lerakong ke le ka sesiung, mme ka phonyoha matsohong a hae.


Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”


A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.”


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos