Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:12 - BIBELE

12 Jwale ke a le rapela: Ntlhapanyetseng ka lebitso la Morena, hore ha e le mona ke bile mosa ho lona, le lona le tla ba mosa ho lelapa leso, mme le be le nnee pontsho ya nnete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:12
24 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo he, ntlhapanyetse mona ka lebitso la Modimo, hore nna, le bana ba ka, le ditloholo tsa ka, wena o ke ke wa re etsetsa bolotsana; le hore ho ya kamoo ke o hauhetseng kateng, le wena o tla nkgauhela, esita le yona naha eo o jakileng ho yona.”


ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,


Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Aborahama, monga hae, mme a mo hlapanyetsa tabeng ena.


Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”


Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, le mo kganne, a se ke a phonyoha.”


ba hlokang kutlwisiso, botshepehi, lerato le mohau.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Ntlhapanyetseng hore le tla pholosa ntate, le mme, le dikgaitsedi tsa ka, le bana beso, le bohle bao ba nang le bona, mme le re phemise lefu.”


Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena.


Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.


Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.”


Joshua a etsa kgotso le bona, a ba a etsa selekane le bona sa hore a ke ke a ba bolaya. Mahosana le wona a ba hlapanyetsa.


Dihlwela tsa bona monna a etswa motseng, mme tsa re ho yena: “Ako re bontshe tsela e kenang ka motseng, re tla o hauhela.”


Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?” Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos