Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:10 - BIBELE

10 Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:10
13 Referencias Cruzadas  

Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla.


Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.


Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare.


“Modimo ya mo ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. O tla hlola ditjhaba, e leng dira tsa hae, a bjabjaretse masapo a tsona, a ba bolaye ka metsu ya diqha tsa hae.


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


Re utlwile le seo a se entseng ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos