Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:1 - BIBELE

1 Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:1
10 Referencias Cruzadas  

Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:


Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa.


Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re:


Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.


O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”


Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai.


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos