Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 2:6 - BIBELE

6 Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 2:6
25 Referencias Cruzadas  

le tla mo hauhela, le bue, le re: ‘Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.’


O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi.’


O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba.


a theohela dikgohlong, dithaba tsa hlaha, a ya moo o a lokiseditseng teng.


Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


Maqhubu a lefu a ne a ntikile, phororo tsa timelo di ne di nkukile.


Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa.


Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole.


Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama.


“Ke ne ke itse: Ke tla falla ke sa le motjha, ke theohele kgorong ya Nqalo ya Bafu, hobane ke amohilwe lemo tsa bophelo ba ka, tse sa setseng.”


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang?


ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.


Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.


Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.


Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos