Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:8 - BIBELE

8 Jwale ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena! Mosebetsi wa hao ke ofe? Hona o tswa kae? Haeno ke hokae? Tjhaba sa heno ke sefe?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba ba re ho yena: Re bolelle hle hore tsietsi ena e re hlahela ka baka la mang? Mosebetsi wa hao ke ofe, o tswa kae, ha eno ke kae, o wa setjhaba sefe na?

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:8
5 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?” Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.”


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!” Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.”


Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?” Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos