Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.
Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:
Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.
O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?
Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re: