Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 8:2 - BIBELE

2 “O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 8:2
14 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo.


“Na mohlalefi a ka bebera manenekwane, a pipitlelwa ke moya wa ho phorohla?


Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?


“Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana!


Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.


Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:


Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos