Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:7 - BIBELE

7 “Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:7
16 Referencias Cruzadas  

Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


“Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: ‘Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba.


Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae,


Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?


Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane!


“Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo;


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena.


Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng.


Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.


A hopola hore ke ba nama le madi, ke moya o ikelang, moya o ke keng wa hlola o kgutla.


Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Morena, o kae mohau wa hao, mohau wa hao wa pele, oo ka botshepehi ba hao o o hlapanyeditseng Davida?


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos