Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:11 - BIBELE

11 Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:11
20 Referencias Cruzadas  

Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”


“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.


Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi.


“Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele.


“Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele.


e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba;


“Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.


Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.


Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?


Ha nka re: ‘Ke tla lebala pelaelo tsa ka,’ fahleho sa ka se tla ela, ke bobothehe.


Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu, ke thotse; ka baka la katleho ya hae, bohloko ba ka ba nna ba tota,


Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka. Molao wa hao o ka pelong ya ka.”


Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona.


Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos