1 “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama?
1 Na o ka tshwasa Leviathane (kwena) ka selope le ho tshwasa leleme la yona ka kgole na?
Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.
Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.
E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?”
Teng dikepe di sesa kahohle, le leruarua leo o le bopetseng ho bapalla ka ho lona.
wa di thuakanya dihlooho, wa di abela ditlhapi e be dijo tsa tsona.
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.