Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 4:7 - BIBELE

7 “Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe ya kila lahleha? Ba lokileng bona ba kile ba timetswa hokae?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ako elellwe: motho ke ofe ya timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 4:7
9 Referencias Cruzadas  

A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka.


Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle.


“Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;


Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.


Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena: Motho o a shwa leha a ntsa lokile, motho o a tsofala leha a ntsa le kgopo.


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos