Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 4:11 - BIBELE

11 Tautona e shwa ke ho hloka sebolawa, tawana tsa tauhadi di phasaphase kahohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 tau e tiileng e timela ke ho hloka see a se rusollang, mme madinyane a tau e tshehadi a qhalantswe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 4:11
17 Referencias Cruzadas  

Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?


Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Bara ba hae ba qekisa ho ratwa ke mafutsana, ba buseletsa mafutsana qhoqha ya ntata bona.


Ke ne ke roba mekwetsepe ya ba kgopo, ke pholose ba seng ba le menong a bona.


“Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile,


Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka;


Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela;


Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho.


Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.


Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.


Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”


A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos