Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.
Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.”
Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona,