Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 32:2 - BIBELE

2 Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 32:2
18 Referencias Cruzadas  

Wa matsibolo ke Use, le Buse moena hae, le Kemuele, ntata Arame;


O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.


Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!


“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;


Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola.


“Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha.


O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.


Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba.


“Ruri o buile moo ke ntseng ke utlwa, modumo wa mantswe a hao ka o mamela:


“Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos