4 O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang?
4 Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?
Ke utlwa kgalemelo e ntshwenyang maikutlo, moya wa ka o nthuta hore ke e arabe.
O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!
“Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona.
Ke pipitlelane ke mantswe, moya wa ka o ntshusumetsa hore ke bue;
lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.
Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.