2 “Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola!
2 O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!
Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.”
“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
Yaba Jobo o a araba, o re:
O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
“Ke sa na le matla afe, a ho nnea letshepa? Ke tla fella kae, ha ke qenehetse ho phela?
Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose?
Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.”
Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;
Morena o kopile mang hore a mo eletse? Ho ahlola ka toka a ho rutwa ke mang? Tsebo yona a e rutwa ke mang? Tsela ya kutlwisiso a e bontshwa ke mang?