Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 23:2 - BIBELE

2 “Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 23:2
12 Referencias Cruzadas  

“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.


a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!


Yaba Jobo o a araba, o re:


Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae,


Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.”


Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.


Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula.


A dule a le mong, a dule a kgutsitse, hobane o e jarisitswe ke Morena.


“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos