Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 22:3 - BIBELE

3 Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ya matla wohle na a ka bona molemo ka ho loka ha hao, mohlomong a be le leruo ha mekgwa ya hao e lokile na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:3
20 Referencias Cruzadas  

Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.


Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?’


“Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo?


“Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso?


o re: ‘Motho a ke ke a putswa ka letho, leha a leka ho kgahlisa Modimo.’


Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?


Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.


Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.


Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Haeba o le bohlale, bohlale ba hao bo tla o putsa, haeba o le mosomi, molato e tla ba wa hao.”


Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos