3 bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma.
3 Nteseng, ke bue, mme ha ke se ke buile, o ntoo tseba ho soma!
O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?
“Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele.
Ha a le hoqisa ka dipotso ho tla ba jwang? Le tla mo soma jwalokaha le soma motho?
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.
Basomi ba mpotapotile, mahlo a ka a tadimile bora ba bona.
“Ako mamele puo ya ka, o e mamele ka hloko, ho mmamela hoo e be ho nketsetsa matshediso;
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?