2 “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?
2 Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae?
“Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana!
Jobo a boela a araba, a re:
Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;
“O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?
Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.
Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse.
Mpate hole le mokgatlo, mokgatlo wa ba etsang bobe, hole le sehlopha sa ba kgopo;
Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.
Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”
Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.