7 mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti.
7 Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela.
mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;
Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.
o ile wa ntlhasinya, mme o sera sa ka; bokojwane ba ka ke paki e nqosang ke e shebile.
Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu.
Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.
Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa; ka masiu wohle ke kolobisa diphate, ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo, ke tshela mosamo wa ka ka dikgapha.
Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka.
Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?
Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse.