Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.