Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 12:9 - BIBELE

9 Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka tsona tsohle, ke mang ya ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 12:9
14 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”


Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle?


o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.


“Tsena tsohle ke di bone ka mahlo a ka, ka tsebe tsa ka ka di utlwa, ka di utlwisisa.


Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.


Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.”


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.


Yare hoba mongodi wa motse a kgutsise letshwele, a re: “Banna ba Efese, ekaba ke motho ofe ya sa tsebeng kamoo motse wa Efese e leng mmaballi wa tempele ya mofumahadi Aretemise e moholo, le wa setshwantsho se weleng lehodimong kateng?


Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos