Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 11:6 - BIBELE

6 a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 11:6
21 Referencias Cruzadas  

“Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.


Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena;


“Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso;


“Na matshediso a Modimo o a a halala, le mantswe a buuwang ka bonolo tsebeng tsa hao?


Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.


Na merero ya phiri tsa Modimo o a e tseba? Na bohlale bona ebe ke ba hao o le inotshi?


Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!


“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


“Tabeng ena o fositse; ke o araba ka ho re: Modimo o moholo ho feta motho.


Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona.


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;


Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena:


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.”


Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos