Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:9 - BIBELE

9 Satane a araba Morena, a re: “O re ke feela Jobo a tshabang Modimo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba Satane o araba Jehova, a re: Na ke feela ha Jobo a tshaba Modimo na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:9
9 Referencias Cruzadas  

Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!


o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


“Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos