Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 9:17 - BIBELE

17 Jwale Morena wa mabotho o re: “A le ke le nahane se etsahalang! Bitsang basadi ba llang sa mmokotsane, le bitse kgeleke tsa kodi-ya-malla di tle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Batlang, mme le bitse basadi ba balli hore ba tle; le romele ho basadi ba masene hore ba tle;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 9:17
12 Referencias Cruzadas  

Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


“ ‘Wena Jerusalema, beola moriri wa hao, o o lahle, bina kodi-ya-malla hodima maralla, hobane Morena, ka baka la kgalefo ya hae, o lahlile, a furalla moloko o mo halefisitseng.


Morena o ka sera sa rona, Iseraele o e ripitlile, a ripitla matlo wohle a dikgosi tsa yona. Qhobosheane tsa yona a di heletsa, a atisa bofifi le dillo tsa Moradi wa Juda.


“Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.


“Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”


Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Ena ke kodi-ya-malla eo ke e binelang lona:


Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”


Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,


Ba fihla tlung ya mookamedi wa ntlo ya thapelo, mme a fumana ho le lerata, batho ba lla, ba bokolla haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos